Diketso
Khaolo 4:1-5
BIBELE e Halalelang
1Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,
2ba ferekane dipelo ke hobane Petrose le Johanne ba ruta batho, mme ba bolela tsoho ya bafu ka ya Jesu.
3Ba ba tshwara, ba ba kenya teronkong ho fihlela hosasane; hobane e ne e se e le mantsiboya.
4Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.
5Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,