Diketso
Khaolo 4:13-19
BIBELE e Halalelang
13Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.
14Empa, kahobane ba ne ba bona ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka arabang ka sona.
15Eitse hobane ba ba laele hore ba ke ba tlohe kgotla, ba botsana,
16ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola.
17Empa hore taba tseo di se ke tsa eketsa ho hosana hara batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo.
18Yaba ba boela ba ba bitsa, ba ba laela hore ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu.
19Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?