Diketso
Khaolo 4:2-8
BIBELE e Halalelang
2ba ferekane dipelo ke hobane Petrose le Johanne ba ruta batho, mme ba bolela tsoho ya bafu ka ya Jesu.
3Ba ba tshwara, ba ba kenya teronkong ho fihlela hosasane; hobane e ne e se e le mantsiboya.
4Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.
5Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,
6ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo.
7Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?
8Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,