Diketso
Khaolo 4:29-35
BIBELE e Halalelang
29Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho.
30Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.
31Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.
32Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.
33Baapostola ba ne ba paka tsoho ya Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, mme hlohonolofatso e kgolo e ne e dula hodima bona bohle.
34Le hona ho ne ho se motho ya hlokang letho hara bona; hobane bohle ba neng ba ena le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka wona, ba tlisa theko ya tse rekilweng,
35ba e bea maotong a baapostola; mme e mong le e mong o ne a abelwa kamoo a hlokang kateng.