Diketso
Khaolo 5:10-16
BIBELE e Halalelang
10Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.
11Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.
12Mehlolo e mengata le meeka e mengata e ne e etswa hara setjhaba ka matsoho a baapostola; mme bohle ba ne ba phuthehela mathuleng a Salomone, ba le pelo e le nngwe.
13Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo.
14Bongata jwa ba dumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletswa ka banna le ka basadi;
15ha ba ha tliswa ba kulang diterateng, ba bewa malaong le diphateng, hore, etlere Petrose ha a feta, ba bang hara bona ba mpe ba sirelwe ke seriti sa hae.
16Le batho ba metse e kamathoko ba ne ba etla Jerusalema ka bongata, ba tlisa ba kulang le ba tshwenngwang ke meya e ditshila; mme ba ne ba fodiswa bohle.