Diketso
Khaolo 5:29-35
BIBELE e Halalelang
29Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.
30Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng.
31Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.
32Rona, re dipaki tsa hae ditabeng tseo, rona le Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.
33Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.
34Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.
35A ba a bua, a re: Bana ba Iseraele, iponeleng bakeng sa batho bao hore na le tla etsa eng.