Diketso
Khaolo 6:1-6
BIBELE e Halalelang
1Mehleng eo, ha barutuwa ba se ba atile haholo, Bajuda ba Bagerike ba korotla ka Bajuda ba Baheberu, ka ho re, basadi ba bahlolohadi ba bona ha ba hlokomelwe phepong ya letsatsi le leng le le leng.
2Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re: Ha ho a tshwanela hore re lese ho bolela lentswe la Modimo ka baka la ho aba dijo ditafoleng.
3Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.
4Haele rona, re tla nne re tiisetse thapelong, le tshebeletsong ya lentswe.
5Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.
6Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.