Diketso
Khaolo 6:10-15
BIBELE e Halalelang
10Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.
11Yaba moo ba hlohlelletsang banna ba bang hore ba tle ba re: Re mo utlwile a bolela ditaba tse nyefolang Moshe le Modimo.
12Ba ferekanya setjhaba le baholo le bangodi; ba ba ba mo wela sehloho, ba mo tshwara, ba mo isa kgotla.
13Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;
14hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.
15Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.