Diketso
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4Haele rona, re tla nne re tiisetse thapelong, le tshebeletsong ya lentswe.
5Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.
6Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.
7Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.
8Setefane o ne a tletse tumelo le matla, mme o ne a etsa mehlolo le meeka e mengata hara setjhaba.
9Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.
10Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.