Diketso
Khaolo 7:37-43
BIBELE e Halalelang
37Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.
38Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.
39Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona,
40ba re ho Aarone: Re etsetse medimo e re etellang pele; hobane Moshe eo, ya re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.
41Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona.
42Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?
43Tjhe, empa le ne le jere tabernakele ya Moloke, le naledi ya modimo wa lona Remfane, e leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona ho di kgumamela; ka baka leo, ke tla le falatsa, ke be ke le fetisetse ka nqane ho Babilona.