Diketso
Khaolo 7:40-46
BIBELE e Halalelang
40ba re ho Aarone: Re etsetse medimo e re etellang pele; hobane Moshe eo, ya re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.
41Mohlang oo, ba etsa namane, mme ba hlabela setshwantsho seo, ba thabela mosebetsi wa matsoho a bona.
42Ebile moo Modimo o ba furallang, wa ba neela ho sebeletsa makgotla a lehodimo, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya baporofeta, ho thwe: Lona ntlo ya Iseraele, na le ntlhahiseditse dikgomo le mahlabelo feelleng ka dilemo tse mashome a mane na?
43Tjhe, empa le ne le jere tabernakele ya Moloke, le naledi ya modimo wa lona Remfane, e leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona ho di kgumamela; ka baka leo, ke tla le falatsa, ke be ke le fetisetse ka nqane ho Babilona.
44Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.
45Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.
46Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele.