Diketso
Khaolo 7:44-50
BIBELE e Halalelang
44Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.
45Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.
46Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele.
47Salomone ke yena ya o hahetseng tempele.
48Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re:
49Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; ntlo eo le ka nkgahelang yona e ka ba e jwang, ho bolela Morena, le nqalo eo nka phomolang ho yona e ka ba efe?
50Na letsoho la ka hase lona le entseng ntho tseo kaofela na?