Diketso
Khaolo 7:9-15
BIBELE e Halalelang
9Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,
10wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.
11Ha wa tlala lefatsheng lohle la Egepeta le ho la Kanana, tsietsi ya ba ya eba kgolo; bontata rona ba sitwa le ho fumana dijo.
12Empa eitse ha Jakobo a utlwa hobane koro e teng Egepeta, a roma bontata rona teng la pele.
13La bobedi, Josefa a tsejwa ke banababo, mme Faro a tsebiswa moloko wa Josefa.
14Yaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntatae, le ba mofuta wa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.
15Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.