Diketso
Khaolo 8:1-7
BIBELE e Halalelang
1Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane.Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.
2Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.
3Empa Saule o ne a ntse a hlorisa kereke, a kena ka matlung, a hulela banna le basadi kantle, a ba kenya teronkong.
4Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.
5Haele Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng.
6Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa, mme bo bona mehlolo eo a e etsang.
7Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.