Diketso
Khaolo 8:14-20
BIBELE e Halalelang
14Jwale, baapostola ba setseng Jerusalema, yare ha ba utlwa hobane Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona.
15Bao, eitse hobane ba fihle, ba ba rapella hore ba newe Moya o Halalelang.
16Hobane o ne o eso ho theohele le ho ya mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.
17Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.
18Yare ha Simone a bona hobane Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba beela ditjhelete, a re:
19A le ke le mpheng le nna matla ao, hore e mong le e mong eo ke tla mmea matsoho, a newe Moya o Halalelang.
20Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.