Diketso
Khaolo 8:15-21
BIBELE e Halalelang
15Bao, eitse hobane ba fihle, ba ba rapella hore ba newe Moya o Halalelang.
16Hobane o ne o eso ho theohele le ho ya mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.
17Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.
18Yare ha Simone a bona hobane Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba beela ditjhelete, a re:
19A le ke le mpheng le nna matla ao, hore e mong le e mong eo ke tla mmea matsoho, a newe Moya o Halalelang.
20Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.
21Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.