Diketso
Khaolo 8:7-13
BIBELE e Halalelang
7Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.
8Mme thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.
9Monna ya bitswang Simone o ba a se a le teng, ya etsang bonohe motseng oo; o ne a thetsa setjhaba sa Samaria, ka ho ipolela hore ke motho e moholo.
10Ba ne ba mo mamela kaofela, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: Enwa ke matla a Modimo, a bitswang a maholo.
11Ba ne ba mo kgomarela jwalo, kahobane, ka nako e teletsana, a ne a ba makaditse ka bonohe ba hae.
12Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.
13Le yena Simone a dumela, mme a kolobetswa; o ne a kgomarela Filipi; mme o ne a tsota ha a bona mehlolo le meeka e mengata e etswang.