Mareka
Khaolo 1:15-21
BIBELE e Halalelang
15a re: Nako di phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.
16Yare ha a sika le lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
17Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.
18Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
19A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng.
20Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.
21Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta.