Mareka
Khaolo 1:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yare ha a sika le lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
17Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho.
18Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
19A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng.
20Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.
21Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta.
22Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.