Mareka
Khaolo 1:22-28
BIBELE e Halalelang
22Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
23Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa,
24a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.
25Jesu a kgalemela moya oo, a re: Kgutsa, o tswe mothong eo.
26Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.
27Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
28Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.