Mareka
Khaolo 1:30-36
BIBELE e Halalelang
30Mohwehadi wa Simone o ne a robetse malaong, a jewa ke febere, mme ba phakisa ba mmolela ho Jesu.
31Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.
32Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.
33Motse kaofela wa bokana pela monyako.
34A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
35Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.
36Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.