Mareka
Khaolo 1:33-39
BIBELE e Halalelang
33Motse kaofela wa bokana pela monyako.
34A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
35Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.
36Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.
37Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla.
38Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.
39A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.