Mareka
Khaolo 1:35-41
BIBELE e Halalelang
35Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.
36Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.
37Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla.
38Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.
39A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.
40Motho ya jewang ke lepera a tla ho Jesu, a mo rapela, a kgumama ka mangwele pela hae, a re: Ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
41Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.