Mareka
Khaolo 1:6-12
BIBELE e Halalelang
6Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo, a eja ditsie le dinotshi tsa naha.
7O ne a bolela, a re: Ho sa tla kamorao ho nna e mong ya mphetang kamatla, eo ke sa lokelang ho inama pela hae ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae.
8Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.
9Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.
10A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba.
11Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
12Yaba Moya o phakisa o kgannela Jesu feelleng.