Mareka
Khaolo 10:13-19
BIBELE e Halalelang
13Yaba o tlisetswa bana, hore a ba ame; barutuwa ba hae ba ne ba kgalemela ba ba tlisang.
14Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
15Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.
16Mme ha a ba sikile, a ba bea matsoho hodimo, a ba hlohonolofatsa.
17Ha a tswela tseleng, e mong a mo mathela, a kgumama ka mangwele pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsang ke tle ke rue lefa la bophelo bo sa feleng?
18Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo.
19O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.