Mareka
Khaolo 10:18-24
BIBELE e Halalelang
18Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo.
19O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.
20Eo a araba, a re ho yena: Moruti, tseo tsohle ke di bolokile haesale le bonyenyaneng ba ka.
21Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.
22Eo a mpa a hlajwa ke polelo eo, a ikela a swabile; hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.
23Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
24Barutuwa ba makala ke polelo tsa hae. Empa Jesu a boela a bua, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!