Mareka
Khaolo 10:25-31
BIBELE e Halalelang
25Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
26Jwale ho tsota ha bona ha eketseha; ba botsana, ba re: Homme ho ka bolokeha mang?
27Jesu a ba shadima, a re: Ke ntho e sitang batho, empa ha e site Modimo; hobane Modimo tsohle o ka di etsa.
28Yaba Petrose o bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse.
29Jesu a araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya ka tlohelang ntlo, kapa banababo, leha e le bokgaitsedie, kapa ntatae, leha e le mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli,
30ya ke keng a newa ha lekgolo, jwale, mehleng ena, matlo, le banababo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le dihloriso; mme mehleng e tla tla, a newe bophelo bo sa feleng.
31Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.