Mareka
Khaolo 10:32-38
BIBELE e Halalelang
32Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema, Jesu a ntse a ba eteletse pele; ba ne ba tshohile, ba mo latela ba ntse ba tshaba. A boela a ya thoko le ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba bolella tse tla mo hlahela,
33a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba mo neele baditjhaba.
34Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tshwele ka mathe, ba mmolaye; mme o tla be a tsohe ka tsatsi la boraro.
35Ha tla ho yena Jakobo le Johanne, bara ba Sebedea, ba re: Moruti, re rata ha o ka re etsetsa seo re tla se kopa.
36A re ho bona: Le rata ha ke le etsetsang?
37Ba re ho yena: Re nee hore re dule kganyeng ya hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
38Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na?