Mareka
Khaolo 11:16-22
BIBELE e Halalelang
16O ne a sa dumelle motho ho feta ka tempeleng a jere phahlo.
17Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!
18Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.
19Yare mantsiboya, a tswa motseng.
20Hosasa, ha ba feta, ba bona sefate sela sa feiye se omeletse hohle, ho qala ka metso.
21Yaba Petrose o elellwa, a re ho yena: Rabbi, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse.
22Jesu a araba, a re ho bona: Le be le tumelo ho Modimo.