Mareka
Khaolo 11:22-28
BIBELE e Halalelang
22Jesu a araba, a re ho bona: Le be le tumelo ho Modimo.
23Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.
24Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.
25Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
26Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.
27Ba boela ba tla Jerusalema; mme ha a itsamaela tempeleng, ha tla ho yena baprista ba baholo, le bangodi, le baholo;
28ba re ho yena: Ntho tseo o di etsa ka matla afe na? Matla ao o a neilwe ke mang, ha o etsa ntho tseo?