Mareka
Khaolo 11:7-13
BIBELE e Halalelang
7Jwale ba tlisa petsana ho Jesu; ba ala dikobo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.
8Ebile ba bangata ba ala dikobo tsa bona tseleng, ba bang ba rema makala difateng, mme ba a ala tseleng.
9Ba eteletseng pele le ba latelang ba ne ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
10Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
11Jesu a kena Jerusalema le tempeleng; mme yare ha a qamakile kahohle, ha e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
12Yare ka hosasane, ha ba etswa Bethania, a lapa.
13A bonela hole sefate sa feiye se nang le mahlaku, a ya ka ho re, mohlomong a ka fihlela ho hong ho sona; empa, ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho, haese mahlaku feela; hobane e ne e se nako ya difeiye.