Mareka
Khaolo 12:19-25
BIBELE e Halalelang
19Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Ekare ha moholwane wa mmona a shwele, mme a siile mosadi, a mpa a sa ka a siya bana, moenae a nke mosadi wa hae, a hlahisetse moholwane wa hae bana.
20Ho ne ho le bara ba supileng ba motho a le mong; e moholo a nka mosadi, mme a shwa a sa siye ngwana.
21Wa bobedi le yena a mo nka, mme a shwa a sa siye ngwana le yena; le ho wa boraro ha eba jwalo.
22Ba supileng bao ba mo nka, mme ha ba ka ba siya bana; kamora bona kaofela, mosadi le yena a shwa.
23Hleka ha ho le jwalo, tsohong ya bafu, mohla ho tsohuwang, mosadi eo e tla ba wa ofe ho bona, haele mona e bile mosadi wa bona ba supileng?
24Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na?
25Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong.