Mareka
Khaolo 12:24-30
BIBELE e Halalelang
24Jesu a ba araba, a re: Na ho lahleha ha lona hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Modimo na?
25Hobane mohla ho tsohuwang bafung, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi mahodimong.
26Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?
27Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Lona, le lahlehile haholo.
28E mong wa bangodi, ya ba utlwileng ha ba arabana, ha a bona hobane o ba arabile hantle, a mo atamela, a mmotsa, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke ofe na?
29Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi,
30mme o rate Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao wohle; ke wona molao wa pele.