Mareka
Khaolo 12:36-42
BIBELE e Halalelang
36Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
37Na ha yena Davida a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang? Mme bongata bo boholo bo ne bo mo utlwa ka thabo.
38Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;
39ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng le ditulo tse kapele meketeng;
40ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.
41Jesu o ne a dutse malebana le polokelo ya letlotlo, a tadimile kamoo batho ba nokelang ditjhelete kateng, polokelong ya letlotlo. Barui ba bangata ba ne ba nokela tse ngata.
42Yaba ho tla mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng, a nokela tjheletana tse pedi, tse bang farethine.