Mareka
Khaolo 12:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ba mo tshwara, ba mmolaya, ba ntoo mo lahlela kantle ho tshimo ya merata.
9Hleka monga tshimo ya merara o tla etsa jwang na? O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea basele.
10Ana ha le eso ho ka le bala lengolo le reng: Lejwe leo bahahi ba neng ba le lahlile, ke lona le entsweng motheo wa sekgutlo?
11Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.
12Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.
13Yaba ba romela ho yena ba bang ba bafarisi le ba Baheroda, hore ba mo tshwase ka dipolelo tsa hae.
14Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe?