Mareka
Khaolo 13:11-17
BIBELE e Halalelang
11Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.
12Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, ntata motho a etse ngwana hae jwalo, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.
13Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
14Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa lokelang — ya balang a lemohe — mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
15ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela tlung, a se ke a kena ho nka letho tlung ya hae;
16le ya leng naheng, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.
17Ho mpa ho tla ba madimabe basadi ba baimana le ba anyesang mehleng eo.