Mareka
Khaolo 13:24-30
BIBELE e Halalelang
24Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;
25dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tse mahodimong di tla sisinyeha.
26Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.
27Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.
28Ithuteng, ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.
29Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.
30Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.