Mareka
Khaolo 13:28-34
BIBELE e Halalelang
28Ithuteng, ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.
29Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.
30Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.
31Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.
32Empa haele bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.
33Iponeleng, le fadimehe, mme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.
34Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.