Mareka
Khaolo 13:33-37
BIBELE e Halalelang
33Iponeleng, le fadimehe, mme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.
34Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.
35Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso;
36esere, ha a etla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse.
37Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!