Mareka
Khaolo 13:6-12
BIBELE e Halalelang
6Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.
7Mohla le utlwang dintwa le medumo ya dintwa, le se ke la tshoha; hobane e ka kgona hoo ho etsahale; empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.
8Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.
9Tseo ke qalo ya tlokotsi. Empa lona le iponele: hobane ba tla le isa makgotleng le masinagogeng; le tla otlwa, le emiswe pela babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be dipaki ho bona.
10E ka kgona Evangeli e bolelwe ditjhaba tsohle pele.
11Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.
12Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, ntata motho a etse ngwana hae jwalo, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.