Mareka
Khaolo 14:17-23
BIBELE e Halalelang
17Ha e se e le ka shwalane, a ya teng le ba leshome le metso e mmedi.
18Ha ba dutse ba eja, Jesu a re: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona, ya jang le nna, o tla nkeka.
19Yaba ba qala ho swaba, le ho mmotsa e mong le e mong, ka ho re: A ke nna na? A ke nna na?
20A araba, a re ho bona: Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, yena ya kenyang letsoho le nna morifing.
21Haele Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo, eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho le molemo ho motho eo, hola a se ke a tswalwa.
22Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
23A ntoo nka senwelo, a leboha, a ba nea sona; mme ba nwela ho sona bohle.