Mareka
Khaolo 14:22-28
BIBELE e Halalelang
22Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.
23A ntoo nka senwelo, a leboha, a ba nea sona; mme ba nwela ho sona bohle.
24A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.
25Kannete ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa se le setjha mmusong wa Modimo.
26Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.
27Jesu a re ho bona: Bohle le tla kgoptjwa ho nna bosiung bona; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.
28Empa, etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.