Mareka
Khaolo 14:30-36
BIBELE e Halalelang
30Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.
31Ebile Petrose o tlodisa puo, a re: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Mme bohle ba rialo le bona.
32Ba ya nqalong e bitswang Gethesemane. Jwale, a re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke tle ke be ke rapele.
33A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.
34A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.
35A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.
36O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.