Mareka
Khaolo 14:32-38
BIBELE e Halalelang
32Ba ya nqalong e bitswang Gethesemane. Jwale, a re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke tle ke be ke rapele.
33A ntoo ya le Petrose, le Jakobo, le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tsieleha.
34A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ke maswabi a isang lefung; salang mona, mme le fadimehe.
35A ya pejana, a wela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.
36O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.
37A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?
38Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.