Mareka
Khaolo 14:43-49
BIBELE e Halalelang
43Kapelepele, ha a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se rometswe ke baprista ba baholo le bangodi le baholo.
44Ya mo ekang o ne a ba neile pontsho, a re: Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, mme le ye le yena, le mo tiisitse.
45Ha a fihla, a phakisa a atamela Jesu, a re: Rabbi! Rabbi! a ba a mo aka.
46Yaba ba isa matsoho a bona ho yena, ba mo tshwara.
47Jwale e mong wa ba leng teng a tsomola sabole, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe.
48Jesu a bua, a re ho bona: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu.
49Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.