Mareka
Khaolo 14:46-52
BIBELE e Halalelang
46Yaba ba isa matsoho a bona ho yena, ba mo tshwara.
47Jwale e mong wa ba leng teng a tsomola sabole, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe.
48Jesu a bua, a re ho bona: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu.
49Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.
50Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
51Mohlankana e mong o ne a mo latela, a apere kobo ya bosiu feela; bahlanka ba mo tshwara;
52empa yena a ba tlohella kobo, a baleha a le feela.