Mareka
Khaolo 14:5-11
BIBELE e Halalelang
5athe se ka be se rekile didenare tse fetang makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi. Ba itshena ho mosadi eo jwalo.
6Empa Jesu a re: Mo leseng; le mo utlwisetsang bohloko? O nketseditse ketso e molemo.
7Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
8O entse seo a neng a ka se etsa; o tlile pele ho tlotsetsa mmele wa ka ho epelwa.
9Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
10Judase Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ya ho baprista ba baholo, a tle a ba neele Jesu.
11Ha ba mo utlwa, ba thaba, mme ba mmalla hore ba tla mo nea ditjhelete. Jwale, a batla sebaka sa ho ba neela yena.