Mareka
Khaolo 14:55-61
BIBELE e Halalelang
55Jwale, baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki bo ka qosang Jesu, ba tle ba mmolaye; empa ha ba ka ba bo fumana.
56Hobane ba bangata ba ne ba mo qosa ka bohata, empa taba tsa bopaki ba bona di ne di sa dumellane.
57Ba bang ba ema, ba mo qosa ka bohata, ba re:
58Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.
59Empa le teng taba tsa dipaki tseo di ne di sa dumellane.
60Yaba moprista e moholo o ema kahare, a botsa Jesu, a re: Na ha o arabe letho na? Seo bao ba o qosang ka sona keng?
61A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?