Mareka
Khaolo 14:59-65
BIBELE e Halalelang
59Empa le teng taba tsa dipaki tseo di ne di sa dumellane.
60Yaba moprista e moholo o ema kahare, a botsa Jesu, a re: Na ha o arabe letho na? Seo bao ba o qosang ka sona keng?
61A mpa a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e moholo a boela a mmotsa, a re ho yena: Na ke wena Kreste, Mora wa Modimo o bokwang na?
62Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!
63Jwale, moprista e moholo a hahola dikobo tsa hae, a re: Re sa batlelang dipaki?
64Le utlwile nyefolo. Lona, le reng? Bohle ba mo tswa, ba re, o tshwanelwa ke lefu.
65Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.