Mareka
Khaolo 15:1-5
BIBELE e Halalelang
1E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.
2Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: O boletse teng.
3Yaba baprista ba baholo ba mo qosa ka taba tse ngata.
4Pilato a boela a mmotsa, a re: Na ha o arabe letho na? Bona, ba o qosa ka ditaba tse ngata hakakang!
5Empa Jesu a se ke a araba letho, Pilato a ba a makala.